Pherekgong 2006
Freedom Park ke projeke ya lefa e hlahileng ka mora dikopo ho tswa mehloding e fapaneng hore ho hlahiswe seemahale ka mora ho fumana tokoloho le tshebetso e bileng ya kgotso ho re lebisa demokerasing. Mohlodi o mong wa bohlokwa o susumeditseng hore ho thehwe Freedom Park e bile Raporoto ya Khomishene ya Nnete le Poelano e ileng ya kgothaletsa hore ho hahuwe seemahale sa sehopotso sa dihlabelo tse entsweng ke ma-Afrika Borwa hore a tle a fihlele tokoloho eo kajeno e thabelwang ke bohle.
Mona re kopa setjhaba ho ba le seabo ntshetsopeleng ya Sikhumbuto, e leng Lebota la sehopotso le ntho e nngwe ya bohlokwa haholo ya Freedom Park. Sikhumbuto ke moo mabitso a bahale, bao dilemong tse ngata tse fetileng, ba ileng ba wa boitsekong ba ho nkuwa jwalo ka batho le ho fumana tokoloho, a tla ngolwa mme ho ketekwa sehopotso sa bona. Mabitso a tla ngolwa ka ho ya ka Dikgohlano tse Robedi tsa Afrika Borwa ka ho emela dintlhakgolo tsa bohlokwa nalaneng ya naha ya habo rona. Dikgohlano tsena tse Robedi ke tse latelang:
Dikgohlano tsa pele ho Bokoloniale
Polao e Sehloho ya sehlopha kapa Morabe
Bokgoba
Dintwa tsa Kganyetso
Ntwa ya Afrika Borwa (Ntwa ya Manyesemane le Maburu)
Ntwa ya Pele ya Lefatshe
Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe
Boitseko ba Tokoloho
Freedom Park e ela hloko bohlokwa ba ho ba le seabo ha setjhaba ntshetsopeleng ya naha mme hona ho wela tlasa mosebetsi wa ho etsa hore lentswe la Afrika le utlwahale. Ka hoo re mema setjhaba hore se romele mabitso le dintlha tse kgutshwanyane ka tsa bophelo ba batho ba ileng ba wa dikgohlanong tse boletsweng mona ka hodimo hore di elwe hloko.
O kotjwa hore o tlatse foromo ena e ka tlase ka dintlha tsa motho eo o mo thonyang hore a tlotlwe mane Freedom Park:-
Sefane
Lebitso la pele
Lebitso la bobedi kapa a mang
Lebitso leo e seng la hae la nnete kapa la Ntweng
Mabitso a mang ao a tsejwang ka ona
Letsatsi la tswalo
Nomoro ya Boitsebiso
Bong
Letsatsi la ho hlokahala
Dilemo ha a ne a hlokahala
Sebaka seo a hlokahalletseng ho sona
Sebaka seo a patuweng ho sona
Wa leloko (Lebitso le dintlha tsa moo ho ka iteangwang le yena)
Karolo
Boemo
Kabelo eo a bileng le yona sehlopheng ketsahalo e ikgethang
Sebaka seo kgohlano e bileng ho sona
Mantswe a bohlokwa
Dintlha tse kgutshwane tse mabapi le tsa bophelo ba motho eo
Freedom Park Trust e ka thabela ho fumana tokomane efe kapa efe (setifikeiti sa tswalo le sa ho hlokahala, khopi ya Buka ya Boitsebiso, tokomane ya mokgatlo).
